Feta

“Ketso e le Nngwe Feela ya Botshepehi”

“Ketso e le Nngwe Feela ya Botshepehi”

 Danielle wa Dipaki Tsa Jehova ya dulang Afrika Borwa, o ile a fumana mokotla o neng o lebetswe ke motho ya neng a tlile moo ho rekiswang kofi. Ka hara mokotla ho ne ho na le sepatjhe sa tjhelete le dikarete tsa banka. Danielle o ne a batla ho kgutlisetsa mokotla ona ho monga wona, ka hoo o ile a sheba ka hare hore na a ke ke a fumana aterese kapa dinomoro tsa monga mokotla, empa o ile a fumana lebitso la motho eo feela. O ile a leka ho fumana boitsebiso ba hae bankeng empa ha a ka a atleha. Ho ena le hore a nyahame, o ile a founela dinomoro tse rasiting ya ngaka tseo a di fumaneng ka mokotleng. Mme ya sebetsang ngakeng o ile a dumela hore o tla fa monna eo dinomoro tsa Danielle.

 Monna eo o ne a maketse haholo ha a founelwa ngakeng mme a bolellwa hore Danielle o fumane mokotla wa hae mme o batla ho o kgutlisetsa ho yena. Ha a tlo lata mokotla, o ile a fumana Danielle le ntate wa hae ba mo emetse. Ba ile ba mo hlalosetsa hore na ke hobaneng ha ba entse boiteko ba hore ba kopane le yena. Ba ile ba re ke Dipaki Tsa Jehova mme ba leka ka hohle ho phela tumellanong le melaomotheo ya Bibele. Ke ka hoo ba lekang ka hohle hore ka dinako tsohle ba dule ba tshepahala.​—⁠Baheberu 13:⁠18.

 Nakwana ka mora moo, o ile a romella Danielle le ntate wa hae molaetsa a ba leboha hore ebe ba kgutlisitse mokotla wa hae le sepatjhe. O ile a ngola a re: “Ke leboha haholo hore ebe le ile la leka ka hohle hore le mphumane. Ke thabetse ho kopana le lona ebile ke leboha le kamohelo eo le ileng la mpontsa yona. E le ho le bontsha hore na ke ananela hakae, nka rata ho ntsha koleke. Ke a tseba hore ho na le dintho tseo le di tetseng e le hore le sebeletse Modimo. Botshepehi ba Danielle le seo le nketseditseng sona di bontsha hantle hore le batho ba lokileng. Ke sa boetse hape ke re ke a leboha mme e se eka Modimo a ka hlohonolofatsa tshebeletso ya lona.”

 Dikgwedi ka mora moo, ntate wa Danielle o ile a kopana le monna eo hape mme monna eo a mo bolella hore na ho ile ha etsahalang ha a ne a fumana sepatjhe se lahlehileng. Ha a le lebenkeleng o ile a thola sepatjhe fatshe. O ile a leka ho fumana monga sona mme ha a mo fumane a mo fa sona, a mo bolella hore na o susumeditswe ke eng hore a etse jwalo. O ile a mo bolella hore le yena o kile a lahlehelwa ke sepatjhe mme motho ya tshepahalang a se kgutlisetsa ho yena. O re: “Ketso e le nngwe feela ya botshepehi le mosa e ile ya etsa hore le nna ke batle ho etsa seo ho ba bang mme seo se etsa hore re phedisane ka kgotso le batho ba bang.”