Fetela boitsebisong

Na le Bakreste?

Na le Bakreste?

E. Re Bakreste ka mabaka a latelang:

  • Re leka ho latela haufi-ufi lithuto tsa Jesu Kreste le ho etsisa boitšoaro ba hae.—1 Petrose 2:21.

  • Re lumela hore Jesu o phetha karolo ea bohlokoa e le hore re bolokehe le hore “ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”—Liketso 4:12.

  • Ha batho e-ba Lipaki Tsa Jehova, ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu.—Matheu 28:18, 19.

  • Re etsa lithapelo tsa rōna ka lebitso la Jesu.—Johanne 15:16.

  • Re lumela hore Jesu ke Hlooho, kapa ea fuoeng matla a ho laola monna e mong le e mong.—1 Bakorinthe 11:3.

Empa re fapana ka litsela tse ngata le malumeli a mang ao ho thoeng ke a Bokreste. Ka mohlala, re lumela hore Bibele e ruta hore Jesu ke Mora oa Molimo, eseng hore ke karolo ea Boraro-bo-bong. (Mareka 12:29) Ha re lumele hore motho o na le moea o sa shoeng, hore ho na le lebaka leha e le lefe la Mangolo la ho bolela hore Molimo o hlokofatsa batho ka ho sa feleng liheleng, kapa hore ba etellang pele litšebeletsong tsa bolumeli ba lokela ho fuoa litlotla tse etsang hore ba phahamele batho ba bang.—Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4; Matheu 23:8-10.