Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha le Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?

Ke Hobane’ng ha le Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?

Jehova ke lebitso la Molimo, le hlahang ka Bibeleng. (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18) Paki ke motho ea bolelang linnete kapa lintho tseo a kholisehileng ka tsona.

Kahoo, lebitso la rōna la Lipaki Tsa Jehova le re khetholla re le sehlopha sa Bakreste ba phatlalatsang seo e leng ’nete ka Jehova, ’Mōpi oa lintho tsohle. (Tšenolo 4:11) Re pakela ba bang ka tsela eo re phelang ka eona le ka ho ba bolella seo re ithutileng sona ka Bibeleng.—Esaia 43:10-12; 1 Petrose 2:12